Tumelo e holang

Re tseba bohlokwa ba tumelo. Ba dumelang ho Jeso Kreste ba a pholoswa mme ba eba le bophelo bo sa feleng. Kantle ho tumelo ya nnete re lahlehile.

Empa tumelo ke eng?

  • Bebele e re tumelo ke ho tseba Morena, ho mo rata ka pelo ya ka yohle le ho mo tshepa.
  • Tumelo ha e bolele hore ke utlwisisa tsohle tse ka Bebeleng, hore ke na le dikarabo tsohle tsa bophelo, hore ka nako yohle ke matla, ha ke na pelaelo kapa ke etsa dintho tse ntle feela ka nako yohle. Tjhe, empa ele taba ya ho tseba boikemelo ba ka. Jwale, ke beha letsoho la ka le lenyenyane ka hara la Modimo le matla jwalokaha ngwana a tshepa mme ka boikokobetso a latela ntatae kapa mmae.
  • Tumelo ke ntho eo ke e fuwang – ke mpho ya mohau.
  • E qala hannyane, jwaloka peo ya mose-tareta, empa e hole hoba sefate se behang ditholwana (Mattheu 13:31-32, 17:20, Mareka 4:30-32, Luka 13:18-19). Bebele hangata e hlalosa tumelo ka setshwantsho sa peo e welang mobung o nonneng moo e tla mela, e hole mme e matlafale hoba sejalo se hlokomelwang le ho pongwa makala a kgale qetellong se behe ditholwana.

Tumelo e qala kae?

  • Tumelo e qala mo peo ya Lentswe la Modimo e welang mobung o nonneng wa pelo ya ka. Ke kamoo Jeso ka boyena a e hlalosang ho Mattheu 13, Mareka 4 le Luka 8. Ha e mong a bolela ditaba tse ntle ka Jeso Kreste ele Mopholosi, kapa ha ke bala Bebele le ho bua le Modimo ka thapelo, hona ho tshwana le peo e jalwang.
  • Peo e lokela ho wela pele mobung o nonneng pele e ka mela le ho hola.
  • Nka kwalla Lentswe pelo ya ka, ka utlwa, empa ka se ke ka mamela, ka le lebala kapele, ka le kgamisa mehopolo e mebe le mekgwa e bohlaswa. Jwale pelo ya ka e tshwana le mobu o thata o nyopileng oo ho ona peo e kekeng ya hola.
  • Kapa nka ka kopa hore Moya o Halalelang o lokise pelo ya ka jwaloka, mobu o manoni hore peo ya tumelo e ka mela, ya hola le ho beha kotulo.
  • Ha tlhaku ya peo e bonahalang e shwele e wela (Johanne 12:24) mobung mme e mela, ke mohlolo. Hore hona ho etsahala jwang ha re tsebe! Re ka ema feela re maketse kapela sephiri sa bophelo. Ho jwalo le ho tse amanag le tumelo – ke mpho eo re ka lebohang le ho rorisa Modimo.
  • Ke hobane, ka tumelo, ke a tseba jwale kannete hore se bolelwang ke Bebele ka Modimo le Mora wa hae, Jeso Kreste, ke nnete! Mpho ya hae ya bophelo le pholoso ke bakeng sa ka!

Tumelo e hola jwang?

  • Tumelo ha e mele feela, ebile e ya hola. E eba kgolo le matla, jwaloka semela, le jwaloka sefate. Pesalema ya 1:1-3 le Jeremia 17:7-18 re bala ka sefate se melang pela molatswana.
  • Hore se hole, semela se tshwanela ho hlokomelwa. Se lokela ho fumana metsi le menontsha, lehola le hlaolwe mme semela ka nako e nngwe se fokotswe.
  • Ke dumella jwang peo ya tumelo e hole ka ho nna?
  • Nka e fepa Lentswe la Modimo, ka ho le mamela, ho ithuta ka lona, ho nahana ka lona le ho ikokobeletsa lona. Lentswe le tshwana le molatswana moo metso e fumanang metsi le dijo.
  • Ha ke ipha nako ya ho kgutsa pela Modimo le ho ithuta ho phela le yena re le mathe le leleme o nkgodisetsa tumelo.
  • Nka e hodisa tumelo ya ka hape ka ho mamela Lentswe le ho rapela le ho rorisa Modimo ke ena le batho ba bang.
  • Batho ba bang, jwaloka baruti, ba ka thusa kgodisong ya tumelo ya ka (1 Bakorinthe 3:6, 9:10-11).
  • Ha ke bula pelo ya ka ho sebelweng ke Moya mme mahlo a ka a bona mesebetsi ya Morena ho mpotoloha – mohlolo wa popo ya hae, ho loka le tlhokomelo ya hae bophelong – tumelo ya ka e ya hola.
  • Leha ke dumella Moya ho hlaola lehola – menahano e mebe le diketso bophelong ba ka tse batlang ho bipetsa le ho kgama tumelo ya ka, e ya hola.
  • Ha bohlokwa ka ho fetisisa ke ho ba haufi le Morena, jwaloka lekala le metseng morareng (Johanne 15:1-8). Jwale o tla mphepa ka lero le tla etsa ho hola, thabo le bophelo di kgonahale.

Tumelo e beha ditholwana!

Ha tumelo ya rona e hola e boetse e beha ditholwana bophelong ba rona. Ke ka ditholwana tumelo ya rona e tlang ho lemohuwa (Mattheu 7:16-27, 12:33, Luka 6:43-45).

  • Kantle ho tumelo re tshwana le sefate se sa behang (Mattheu 21: 18-22, Mareka 11:12-14, 20-24) kapa sefate se behang ditholwana tse babang (Mattheu 3:10). Bagalata 5:19-21 e etsa letoto la ditholwana tse babang: ho feba, ho boka, ho rapela medimo ya bohata boloi, lehloyo, dikomang, mohono, bohale, dikgang, botahwa, le mekete e manyala. Sefate se jwalo se tla fotholwa (Mattheu 15:13) kapa se rengwe (Luka 3:9). Empa mohau o teng; ha re bua ka nnete Morena o re fa monyetla kamehla wa ho boela re beha ditholwana (Luka:6-9).
  • Jwale tumelo e beha ditholwana tsa mofuta ofe?
  • Re beha ditholwana tse bontshang hore re ba Morena (Mattheu 3:8).
  • Tumelo ya nnete e beha haholo; ditholwana tse tlisang thabo le lerato, ditholwana tse tiisetsang tse thabisang pelo ya Ntate mme e mo tlotla (Johanne 15:5-17).
  • Bagalata 5:22-23 le yona e kolokisa ditholwana tse ntle tse behwang ke tumelo: lerato, thabo, kgotso, mamello, mosa, molemo, botshepehi, bonolo, boitshwaro. Tsena ke ditholwana tse Moya o Halalelang o halaletsang bophelo ba rona ka tsona hobane re dumela ho Morena Jeso Kreste.
  • Tholwana e makatsang ka ho fetisisa ya tumelo ke hore: ha re eshwa, re tla tsoswa mme re tla phela hape. Ho tshwana le peo ha e wela fatshe, e eshwa, mme hape e ya mela, e qalella ho hola le hoba sejalo se setjha (I Bakorinte 15:37-38, 42-44). Mohla Kreste a kgutlang ka letsatsi le leng, ka ho tshwanang re tla boela re tsohe ka mmele o motjha le ho phela le Modimo, ka ho sa feleng!

THAPELO YA TUMELO E HOLANG

Morena, ke sitwa ho dumela ka bonna. Ako mphe tumelo. Jala peo ya tumelo pelong ya ka. Lokisa hape esale pele mobu wa pelo ya ka ka Moya wa hao hore e amohele mohlolo wa bophelo le ho hola ho etsahale. Etsa hore peo ya hao e mele, e hole le hoba matla. Se ntumelle ho sitisa ho hola ha semela kapa ho se lesa ho pona. Etsa hore ke se fepe le ho se hlokomela ka boinehelo. Oho Morena, wena o fanang ka bophelo le kgolo, etsa hore tumelo ya ka e holele ho beha ditholwana, tse ngata, tse tshwarellang, ditholwana tse nka di abelanang le ba bang, ditholwana tse tla thabisa pelo ya hao le ho tlotlisa Lebitso la hao. Mphe ditholwana tsa Moya: kgotso le thabo, mesebetsi e metle le lerato. Kea leboha ha o utlwile thapelo ya ka. Amen.

Etsa “serapa sa tumelo”

Tumelo ha se feela taba ya bodumedi. Ditholwana tsa tumelo ya rona di boetse di bonahala ka mokgwa o re phelang letsatsi le leng le le leng ka ona mosebetsing, dikamanong le batho le tlhaho.

Serapa sa tumelo

Mokgwa o mong o bonahalang wa ho phela tumelo ya hao ke ho ba le seratswana sa meroho kamora ntlo kapa sekolong kapa kerekeng.

Serapa se jwalo se ka o ruta hore na tumelo e hola jwang.

Se ka o fa dijo mmoho le ba bang ba di hlokang.

Mme e tutubollela motho mohlolong: tsebo yohle, bohlale le bophelo di tswa ho Morena ya Matla Ohle, Mmopi wa tsohle, ya baballang le ho boloka tsohle (Esaia 28:23-29).

Ona ke mokgwa wa ho bopa “tumelo tumelo.” Jwang kapa jwang etsa sena le ba bang.

O lokisa mobu jwang?

  • Pele lekanya sebaka sa tjalo ya peo se boholo ba lemati. Hamorao, haeba o kgona, lokisa tse ding tse pedi kapa tse tharo tsa dibaka tsena tse boholo ba lemati o fane ka sebaka se lekang ho tsamaya ka bolokolohi dipakeng. Kgetha sebaka mo mobu o leng bonolo le ho teba le mo letsatsi le tjhabelang motshehare.
  • Pele tjheka mobu o o ntshe sebakeng – ekaba botebo ba disentimitara tse 40 – 50 (ho dikela ka lengole). Etsa diqubu tse arohaneng tsa mobu o kahodimo le mobu o katlase.
  • Jwale kwahela sebaka ka mokgwa ona.
  • Pele tswaka mobu o ka tlase le dintho tse kang podisa, jwang, diqo, ditlhaka, dithupa, esita le masapo, pampiri le majwe. Ala sena sebakeng ho ba jwale karolo e ka tlase. Karolo ena e ntjha e tla be e kenya moya mme e tseba ho monya metsi hantle.
  • Jwale tswaka mobu o ka hodimo le podisa, moitedi le dinthwana tse bonolo mme o o ale hodima karolo e ntjha. Sebedisa diemere tse pedi kapa tse tharo tsa moitedi bakeng sa sebaka se le seng.
  • Batalatsa sebaka sena mme o etse lebopo ka makgethe ho potoloha. Nosetsa mme o tlohele ho ka bang beke.
  • Ka mohlomong ho molemo ho etsa lekgwakgwa serapeng ho thibela diphoofolo le batho. Motero wa terata (sefeterata) kapa mekotlana ya dilamunu kapa ya eiye eo o ka e thathollang ke mokgwa o motle wa ho thibela diphoofolo tse nnyane. Hamorao motho a ka lema dijalo tse itswapang kapa dipalesa ho etsa moedi o motle.

O lema jwang serapa sa hao?

  • Pele fumana mofuta wa meroho e lokelang sebaka sa heno. Ke nako efe e lokekileng ka ho fetisa ya ho jala peo ya lona, mariha, selemo, lehlabula kapa hwetla?
  • Fumana hore ke botebo bo bokae le ho arohana ho hokae dipakeng. Botsa batho ba nang le boitsebelo.Peo e nnyane ha e jalwe e tebisitswe haholo mme e kgolwanyane ekahla ya tebiswa haholwanyane. Diphuthelelwana tsa peo hangata di hlalosa hantle kamoo o ka etsang kateng.
  • Peo e nngwe e ka loka ha e jalwa tereing ya peo e nang le mobu o lokisitsweng hantle. Terei e behwa sebakeng se bolokehileng mme e nosetswa kgafetsa. Ha dimela di se di le matla ho lekana di ka hlomollelwa sebakeng sa ho lemela dipeo.
  • Ke ntho e ntle ho kwahela mobu oo o jetseng peo ho ona ka jwang ho e sireletsa letsatsing le matla le moyeng. Etsetsa dijalo tse o di hlommeng morititjana ka makalanyana kapa ho hong. Ha metso ya tsona e se ele matla di tla tseba ho tiisetsa letsatsi ka botsona.
  • Jala ka mela e otlolohileng – ho bohlokwa hape hore o ikgantshe ka serapa se makgethe.
  • Hopola ho tiitiisa mobu haufi le dijalo mme o di nosetse ho lekaneng.

O hlokomela jwang serapa sa hao?

  • Dijalo di lokela ho nosetswa kgafetsa. Di se ke tsa fuwa haholo ho feta kapa hannyane haholo – mobu o se ke wa ba tlepetlepe. Ha dijalo di pona di fumana metsi a fokolang. Haeba o di fa metsi a mangata haholo di tla qawa. Haeba o se na senosetsi o ka iketsetsa sona ka ho phunya lekotikoti masoba kapa botlolo ya dilitara tse 2 ya senomaphodi. Etsa moralo wa ho bokeletsa metsi ho tswa marulelong ha pula ena le ho a boloka.
  • Hlaola lehola kapa o le fothole kgafetsa – pele le iketsetsa peo ya lona. Le tlohele serapeng ho omellela teng ele ho tshireletsa mobu kapa mongobo mobung. Mongobo wa ditlama o boloka mobu o phodile o le mongobo mme o kgutlisetsa menontsha mobung.
  • Ha meroho e petetsane e lokela ho arohanngwa. O tla lemoha hore dijalo tse ding di lokela ho bokelletswa mobu.
  • Tshwara le ho bolaya dikokonyana le dikgofu ka matsoho ha ho kgonahala. O ka sebedisa metsi a sesepanyana kapa lero la ditlama tse monkgo o matla (jwaloka sefothafotha/kaliki) ho fafatsa kapa ho tshela dijalo ho di sireletsa dikokonyaneng tse kotsi, dinonometsane le dikgofu. Hlokomela ha o sebedisa dibolaya dikokonyana hobane di ka bolaella le dinthwana tse nang le thuso.

Keletso ya bohlokwa:

  • Ho ya thusa ho ba le ho feta se le seng sa dibaka tsa tjalo ya peo. Jala sebaka se setjha dibeke tse ka tshelelang kamora sa pele; jwale o tla ba le meroho eo o tla e ja motjhaotjhele.
  • Ke mokgwa o motle ho fetofetola mefuta ya meroho eo o e jalang sebakeng se itseng sa tjalo ya dipeo. Ho na le mefuta ya dihlopha tse tharo e ka fetolwang: (1) dijalo tse metso ya tsona re e jang jwaloka dihwete, eiye, beteruti le ditapole; (2) dijalo tsa ditholwana tse kahodima mobu kapa tse re jang mahlaku a tsona jwaloka tamati; sepinitjhi kapa khabetjhe le (3) dijalo tsa monawa jwaloka dinawa le dierekisi. Dinawa le dierekisi di kgutlisetsa naetrojene mobung eleng ntho e lokileng bakeng sa dijalo tse ding.
  • Ha ho hlokahale hore o phethole mobu nako tsohle ha o qeta ho kotula meroho ya hao. Sebetsa podisa le moitedi kahodimo. Lesa ditlama tse shweleng sebakeng sa tjalo ya peo. Ke mokgwa wa tlhaho wa ho etsa kobo e sireletsang mobu eleng moo dihahabi tsa bohlokwa, dikokonyana le dinonometsana di ka bolokang mobu o le bonolo le ho nona. Jwale o ka etsa mela kapa mekoti moo tla jala meroho e metjha.
  • Haeba o sebedisa monontsha, sebedisa o nang le fomula 2:3:2. Dithollwana tse seng kae ka mokoting o o entseng bakeng sa sejalo, kapa o qhalanye dikgaba tse tharo tsa tsona hodima sebaka se boholo ba lemati sa tjalo ya peo.
  • Ho boetse ho bohlokwa ho etsa podisa selemopota. Etsa qubu ya ditholwana le makgapeltla a meroho, masalla a dijalo, dikgaketla tsa mahe le masapo kaekae sekgutlwaneng sa serapa. E boloke e le mongobo. E fetole beke le beke. E lokela ho fumana moya le kganya (mofuthu). Kopanya le moitedi o monnyane, phoofo ya masapo le mobu. Ho bohlokwa ho kgutlisetsa monontsha mobung. Kamora dibeke tse seng kae podisa e tla be e lokile mme o ka qalella ho etsa qubu e ntjha ya podisa.
  • Hape jala sefate sa ditholwana serapeng sa hao mo se sa tlo tshira seratswana sa meroho. Pele tjheka mokoti o tebileng (botebo le bophara ba kgarafu) mme o se tlatse mobu o motle (podisa, lerole le nang le masapo le mobu o kahodimo) pele o ka jala sefate. O ka kenya hape peipi ya polasetiki (tse mona tse ntsho, tse botenya ba senoko) haufi le sefate ho fihlisa metsi methapong – ho tla boloka metsi. Hlokomela sefate sa hao.

Thabela serapa sa hao

Ke monyaka ho etsa serapa mme ho tlisa botle le thabo. Ho re thusa ho phela hantle. E thabele.

Ho hloka boitokisetso, tlhokomelo ya kamehla le boinehelo.

Botle ba serapa ke ho kotula le ho ja ditholwana le meroho eo eleng ya hao. Mme le teng ke monyaka ho abelana le ba bang ka teboho.

Serapa sa tumelo se re thusa ho utlwisisa le ho re hopotsa tlhoko eo Morena a entseng dintho tsohle ka yona, kamoo a hlokomelang dintho tsohle le rona. Ha re na boikgethelo haese ho leboha Morena ka thoriso.

O ka beha tsebiso serapeng sa hao e nang le mantswe a latelang a thapelo: “Morena, etsa hore tumelo ya ka e hole le ho beha ditholwana!” Ke ka lebaka lena re bitsang sebaka sena “serapa sa tumelo”.

Share this post