Kresemese Mokete Wa Kreste

Kresemese e ketekwa hohle lefatsheng. Hase dikereke le Bakreste feela ba e ketekang.Batho ba ditumelo tse ding, esita le bao e seng Bakreste, ba ba le seabo moketeng wa Keresemese. Na ho wena Keresemese ke mokete o tshwanelang ho ketekwa na?

Na rona Bakreste re ka keteka mokete ona ka tshwanelo jwang? Na e tshwanetse ho ketekwa dikerekeng tsohle na? Dintho tse ngata tse hlahang nakong ya mokete ona, ha di na taba le tumelo ya Sekreste. Hangata ke thabo le nyakallo feela. Batho ba a ja, ba a nwa, ba a keteka. Ba fana ka dimpho. Kgwebo e a atleha. Batho ba reka haholo, mme mabenkeleng ho binwa difela tsa Keresemese ka ho di phetha, leha e le ba seng bakae ba mamelang mantswe a tsona, esitana le ho nahana ka moelelo wa tsona. Ba bitswang ‘Bo-Father Christmas’, ba apeswa diaparo tse kgubedu le ditedu tse tshweu ho hohela batho mabenkeleng moo ba ka rekang dimpho teng. Tsohle di teng ho etsetsa ho kgahlisa. Re hoheleha haholo ho reka “ka tjhelete eo re e hlokang dintho tseo re sa di hlokeng.” “Katleho” ya mokete wa Keresemese e lekanngwa ka tjhelete e fumanweng thekisong.

Hantlentle re keteka eng ka tshwanelo?

Kannete ho rona Bakreste, Keresemese e na le moelelo o ikgethang. Nakong ya Keresemese re keteka tswalo ya Mmoloki wa rona, e leng Jesu Kreste. Re nahana haholo ka moelelo wa ho tla ha hae lefatsheng. Jwale ho rona ke lebaka le lekaneng ka ho fetisisa la ho keteka. Re fumana molaetsa o molemo wa thabo e kgolo, e leng wa batho bohle (Luka 2:10). Molaetsa o re: Motseng wa Davida, le tswaletswe Mopholosi, e leng Kreste Morena (Luka 2:11).

Mopholosi enwa ke mang?

Re dumela hore ke Modimo ka sebele eo e bileng motho! Re dumela le hore tse latelang ke tse hlahileng tswalong ya Jesu: Modimo o tlile jwaloka Motho. Jesu ke Emmanuele. Ke ho re: Modimo o na le rona (Mattheu 1:23). Lentswe le bileng teng tshimolohong, le bileng ho Modimo, leo e bileng Modimo (Johanne 1:1), le fetohile motho ya ahileng ara rona (Johanne 1:14).
Johanne o re: Mme ra bona tlotla ya lona, e tletseng mohau le nnete, tlotla e kang eo Mora ya tswetsweng a nnotshi a e fumaneng ho Ntate (Johanne 1:14). Ho boima ho utlwisisa tswalo ena, empa hantlentle ke setsi sa tumelo ya Sekreste. Ho re Jesu e bile motho feela, ho bolela hore tsohle tseo a di entseng, di na le moelelo o fokolang feela. Empa ka baka la ho ba Modimo kannete, bophelo ba hae, mehlolo ya hae, dithuto tsa hae, lefu la hae, tsoho ya hae le nyolohelo ya hae di na le moelelo o kgethehileng. Ke Modimo ka sebele, ya namotseng ka ho pholosa batho – le lefatshe kaofela – mahlomoleng ohle ao re ikentseng ho ona. Jesu ke Messia, eo Modimo a mo romileng ho ntjhafatsa lefatshe. Ka baka leo, tswalo ya hae ke qaleho ya nako e ntjha nalaneng ya lefatshe. E tshwana le ho tjhaba ha letsatsi le letjha, e leng lesedi le tjhabang naheng e lefifi (Esaia 9:1-6).
Ha ho na seo re ka se etsang, haese ho keteka tswalo ena! Mangeloi a sitilwe ho itshwara naheng a Betlehema ha a tsebiswa ka tswalo ya Morena Jesu. A bokile tlotliso ya Modimo ka sehlopha sa mmino se matla (Luka 2:13-14). Badisa, le bona, ba boletse ditaba tsena. Jwale, rona re ka tlohela jwang ho bua? Re ka thola jwang?

Re tshwanela ho keteka Keresemese jwang?

Batho ba bangata ba ketekang Keresemese, ha ba utlwisise molaetsa wa yona hohang. Dintho tse ngata tse etswang meketeng ena ha di ame Jesu. Empa ho rona Bakreste, mokete ona o na le molaetsa o moholo o fapanang le mekete ya lefatshe. Re tsepamisa maikutlo ka moelelo wa nnete wa Keresemese. Ke mokete, empa ke mokete o hlomphang Modimo kahohle. O tiisa Neo e kgolo ya Modimo lefatsheng, e leng Jesu Kreste!

Dimpho

Tlwaelo e nngwe ya Keresemese ke ho fana ka dimpho. Malapa a sebedisa nako ena le tjhelete ho rekelana dimpho tse ntle. Hangata dimpho di rekwa ka lekunutu, mme di phuthelwe ho makatsa ba di fumanang. Nakong tse ding ho na le ya bitswang “Father Christmas” ya tlisang dimpho. Bana ba thaba haholo. Ba lora dimpho tsa bona le pele Keresemese e fihla. Ka baka la thabohadi ena, ha ba kgone ho robala bosiung ba Kresemese. Mahlo a bona a a benya ke thabo ha ba tlosa dipampiri tse phuthetseng dimpho.
Dimpho tsena di etsa hore ba lebale molaetsa oo o leng ona wa Keresemese. Sesosa sa nyakallo le dintho tseo ba di hopolang, ke dimpho tseo ba di fumaneng. Empa malapeng a Sekreste batswadi ba hlalosetsa bana ba bona hore ba fana ka dimpho hobane Modimo o ba neile Mpho e kgolo e leng Mora wa hae.
Dimpho tsa rona di tshwanetse ho re hopotsa hore re kgone ho thaba feela ha re dumetse ho fana. Ha re hlokomelana, mme re leka ho thabisana, re tla utlwa thabo ka ho rona. Ka bomadimabe dikelello tsa rona ha di nahane jwalo ka mehla hobane re tsepamisa maikutlo a rona ho fuweng, e seng ho faneng. Ha re batla ho utlwisisa molaetsa wa nnete wa Keresemese, re tshwanetse ho tiisa taba e reng ho fana ke lehlohonolo le fetang ho fuwa (Diketso 20:35). Ke seo Modimo a re utang sona nakong ya Keresemese. Yena o re file Mpho e kgolo e fetang tsohle, empa ha a ka a lebella letho. Ho na le malapa a hopolang taba ena. Ka baka leo ha ba fanane dimpho feela, empa ba neha le mafutsana dimpho. Ha re ya ho batho ba se nang letho, e leng ba sitwang ho re fa letho, re qala ho lemoha lerato la Modimo le bonahetseng tswalong ya Morena Jesu.

Mabone le difate tsa Keresemese

Ho na le tlwaelo e nngwe e amanang le Keresemese, e leng ho kgabisa difate tsa Keresemese ka mabone le dintho tse ding. Ke tlwaelo ho beha dimpho sefateng sena. Ha se tlwaelo e tswang Bibeleng.
Mabone a kgabisang ditarata tsa ditoropo nakong ya Keresemese, le ona ha se matshwao a Sekreste a nang le molemo. A na le matla a ho kgahlisa batho kapa ho hohela baeti ba dibaka tse ding ho tla ho a tadima. Empa sepheo sa ona ona ke ho etsa tjhelete, e seng ho thusa tumelo ya batho. Ke mekgabiso e metle feela.
Empa re ka fa letshwao la lesedi ka moelelo wa Sekreste. Ka ho etsa jwalo re bontsha molaetsa o lokileng. Mabone a nang le sebopeho sa naledi kapa a sefapano a ka isa dikelello tsa batho ho Jesu. Dikandalare le dikerese di ka sebediswa jwaloka matshwao a Sekreste. Morena Jesu o tlile lefatsheng waloka lesedi la lona. “Lesedi le kganya lefifing, empa lefifi ha le a ka la le hlola” (Johanne 1:5).

Keresemese le kereke

Ho na le dikereke tse sa sebediseng mokete wa Keresemese. Hangata dikereke tsena ke tsona tse kgahliswang haholo ke Paseka le Pentakonta. Haholo Paseka e nka karolo e kgoloho ho feta tsohle. Empa ha e le Keresemese, dikerekeng tseo ha ho batho ba bangata. Ba bona ho se letho le bohlokwa, mme batho ha ba ikgathatse ho ya kerekeng.
Ho na le dikereke tse ding tse fapaneng haholo le tsa pele. Nakong ya Keresemese ho na le ditshebeletso tse pedi ho thusa hore bohle ba fumane sebaka sa ho ya kerekeng, empa nakong ya Paseka batho ha ba yo hobane bohle ba ya phomolong. Ba bangata ba tlatsang dikereke nakong ya Keresemese, ba ya kerekeng ka Keresemese feela. Hangata ba kena tshebeletsong hoseng haholo, hore ba tle ba etse seo ba se ratang ka nako e setseng ya letsatsi. Ka ho etsa jwalo ba bontsha hore hase taba e kgolo ho bona ena.
Empa dikereke di ka etsa jwang ho bona hore ditho tsa tsona di keteka Keresemese ka mokgwa o lokileng?

Beke tse nne pele ho Keresemese

Nako ya Tebello kapa dibeke tse nne pele ho Keresemese ke nako selemong sa kereke moo re itukisetswang Keresemese. Ho kenyeletswa le Disontaha tsena tse nne moo re rerang ka moelelo wa ho tla ha Jesu (advente) lefatsheng. Taba ena e tshwana le dibeke tse supileng tsa mahlomola moo re itukisetsang Paseka. Ha re dumela hore Morena o bua le rona ka Lentswe la hae, re kena moyeng wa nnete wa Keresemese. Ke moo re lemohang hantle moelelo wa ho tla ha hae ka teng, ke nyakalle ka ho fetisisa. Ke nnete: Nyakallo e kgolo ke sesupo sa nako ena. Keresemese ke sehlohlolo sa thabo ena.

Difela tsa Keresemese le ditshebeletso tsa yona

Bokgoni ba ho bina ke mpho ya bohlokwa eo Modimo a e fileng rona Ma-Afrika. Ma-Afrika a bontsha thabo ka ho bina. Jwale e amana hantle le nyakallo ya Keresemese. Ho tloha kgale, difela tsa Keresemese e bile karolo ya mokgwa wa kereke wa ho keteka Keresemese.
Mangeloi a qadile ho bina difela naheng ya Bethlehema bosiung ba tswalo ya Jesu. Ka difela tsa ona, ha a a ka a tsebisa tswalo ya hae feela, empa a ketekile ka tsona. Ho jwalo: Dinakong tse ngata tshebeletso ya Keresemese e nkuwa e le ya difela feela. Ho na le dihlopha tsa mmino, mme se seng le se seng se nka karolo ka ho bina difela tseo ba itlhophiseditseng tsona. Phutheho e bina mmoho sebakeng se le seng tshebeletsong. Hape ho na le batho ba kgethilweng ho bala ditemana tse nyallanang le tswalo ya Jesu.
Ha thero e le teng, ke e kgutshwanyane. Dikerekeng tse ding, tshebeletso ena e nka bosiu bohle. Mokgwa o mong ke ha batjha kapa sehlopha se seng sa ditho, leha e le sehlopha sa dibini, ba ya malapeng a batho ba kgethilweng ho ba binela difela tsa Keresemese.. Haholoholo, hona ho etsahala mantsiboya a letsatsi la pele ho Keresemese. Ke boiphihlelo bo hlokahalang haholo ba ho tlotlisa le ho boka ho bao ba binneng hammoho le ba mametseng.
Phephetso e kgolo ke ho bina difela tse tsejwang ka mokgwa o tshwarang dipelo tsa batho botjha hore ba iswe tlotlisong le thapelong ya nnete. Hape, ho batlehang ke ho fumana difela tse ntjha tse tswang Afrika. Re tla tseba ho keteka Keresemese ruri le ka nnete ka difela ha feela re fumane difela tse tswang dipelong tsa rona, ka meretheto e buang le pelo ya motho wa Afrika.

Ho ba mmoho

Karolo ya bohlokwa ya Keresemese ke kopano ya malapa le ya leloko lohle. Batho ba leka ka matla ho ya malapeng a bona hore ba be mmoho. Ho molemo ho etsa jwalo. Ka ho tla ha Jesu Kreste lefatsheng, o kopanya batho leratong jwaloka maloko le ba malapa, empa hape jwaloka diphutheho. O tlisitse poelano le kgotso; a ba a ruta batho ho ratana le ho rata ba bang. Ke mpho ena ka sebele eo mangeloi a binneng ka yona, ha a re: “Kgotso e be lefatsheng…” (Luka 2:14). Ho na le batho ba bangata haufi le rona ba phelang ka bodutu. Kerekeng re fetohela maloko a ba bang. Re lelapa la Modimo Ntate. Ka baka leo
ho molemo ha diphutheho le ditho di ela hloko ho thusa ba bodutung, ba tsofetseng, bakudi, ba lapileng le ba lahlilweng ke batho ba bang – haholoholo nakong ya Keresemese.

Ho dula dijong ka Keresemese

Ke ntho e kgahlisang hore batho ba bangata – le ba dulang dinaheng tse futsanehileng haholo tsa Afrika – ba bona Kresemese jwaloka nako e le nngwe selemong moo ba tshwanetseng ho ja hamonate ka yona. Ha batho ba tsofetseng ba Malawi ba bona reisi tafoleng, e seng papa feela, ba a botsana ka nako e nngwe hore: Na ke Keresemese? Mohlomong Modimo o a bososela ha ba bua jwalo, hobane mantswe a bona a bontsha hore ba nahana ka Keresemese jwaloka mokete. Na ke motho ofeng wa Afrika ya nahanang ka mokete moo ho se nang dijo tse monate teng! Ka baka leo re lokela ho keteka Keresemese ka dijo tse monate – le ho di thabela!
Le dikerekeng tsa rona ke mokete wa nyakallo. Re lokela ho ja, ho thaba le ho bina. Empa mokgwa wa ho keteka wa bana ba mmuso wa Modimo o tla fapana le wa ba se nang tumelo. Hobane jwaloka batho ba Afrika ba sa jeng ba innotshi, le batho ba lefatshe le letjha la Modimo ba tla aba tseo ba nang le tsona ka mehla – leha ba na le bonyenyane feela…
Taba ya Keresemese ke ho keteka tswalo ya Kreste. Ha se ho keteka letsatsi la tswalo feela. Ha re hopole hore Jesu o hlahile feela. Re hopola hore ke mang ya halalelang: Ke Kreste Morena! (Luka 2:11)
Ke Messia, eo e leng ya romilweng ho tla ntjhafatsa lefatshe lohle. Mmuso wa Modimo o tla ka yena, mme re na le kabelo mmusong ona. Le rona re ya ntjhafala. Le tsohle tse ka nnqa tsohle. Ka baka leo re a nyakalla. Ka baka leo re a keteka.

Ka baka la Kreste eo!

Share this post